Banna ka fihla ke habelelitse Ke matha e ka ke baleha pula Moea o foka katiba li oela Koete kobo e fefoha ke e qhoaetse Molamu o bapile le qholo ke khema Le kajeno kea pheta... Ha ho letho mona ke bone Khetsing tsa lona ke sechile khale Ha lena maime ha lena mabophe Ha lena litlhare tsa ho thiba Lesiba Ke lehlohlojane kea lometsa Banna ha ba buoa baa raraana Tsitsang saleng lipere li palangoe Morena buoa feela re li palame Tse khunong tsena tsa mahaole Lipoho re tla nehala ha selemo se thoasa Pitsi koatola ea ka Leribe Moo e hatileng petsana ha li hate Hole! (23 hrs ago | post #486)
Hei, ua hloliea kharebe. Ke moqebelo re imametse rona re mametse 'mino oa hae oa Sesotho joale uena u re etsatsa lerata. Tsoa u ilo bapala le bana ba bang koana! (Saturday Aug 16 | post #3142)
I WANT TO MARRY A MOSOTHO GIRL
Banna ke maria nka be ke re o potele ka mokhoabong u nke koena u e tsoake le lengana u phehe u noe. Empa etsa tjena, e ea bareng u reke tot e le ngoe ea whisky u lahlele hlohong e tla katela feberunyana eno. (Saturday Aug 16 | post #120)
E nyokotse poho e ntsó ka nkane
E ea u khutle koete etsoe re tla u hopola Lekaota. (Saturday Aug 16 | post #4)
Babe, Mopheme le uena Jane. U rata lebitso le feng ke mpe ke u bitse ka lona hobane u motho a le mong. Babe u'a cha ua tseba, ua botsa e bile ua ikaraba, khale batho ba robetse joale u luletse ho buoa u le mong. U ne u ile kae mots'eare? Tsa mo robala! (Friday Aug 15 | post #6)
Eazy ke ntse ke lokisa pitsa eane kharebe joale ke bona e lieha ho loka. Theola moea u tlohele u ntja ka bohale. (Friday Aug 15 | post #3123)
Ke bona le le basesane sa khoele ea mochini Ha ke le sheba nka le fefola Ke utloa le mpakela sefutho liphakeng Nkane ea tlala phatleng holima 'mopo Pheleu e'a thula e'a bolaea, kea thula kea khahlela. Ke tlama ka bothata ke khama ka falese ea ketane Ke ba monyetse ka khoele ea lesika sa 'manama qoqotho Ke lutse 'metsong ea lona ke hana ho theoha! Hoo haa! (Friday Aug 15 | post #480)
Eazy u be u tsoe ka mona hang hang, ka mona ke tse rotang ka mpa kharebe. Se ka re senyetsa hao!!!! (Friday Aug 15 | post #477)
Hei banna hana haele Labohlano tjee ho e ho etsuoe joang! Lumelang. (Friday Aug 15 | post #3072)
Nare ea kena ka likhoka ho batho Ke fihla tlhaka lirutluhile ke ba tla ntoa Ke tletse bohale ke tuka malakabe Pelo e khubelu ea Makhahlela batho Pitsi koatola ea ka Leribe Phahla-phahla Moo e hatile teng petsana ha li hate Utloang lona lia matlong le likhoho Ke lekhoekhoe la molora boputsoa Ke botsikoane kobong tsa banna Ke semakha ke lefu la makesi Ke serotsoana ke lia pholo li hakile Ke phamokate ea ho ja likheleke maleme Banna ee! ke lekhoopo la ho tsoa batho mokokotlo Le metse banna pela botona Kakapa ha limatha lia thakasa Ke ts'oere koakoa ke ts'oere lerumo Ke hlaba ka theko haka e salle Banna ea ikapesa ka morole khanyapa Mokebe oa ho ja likhoho bosiu Ntjeng banna, ha le sena meno le 'momone!!! (Friday Aug 15 | post #475)
Tranquilla Eazy hao! Uena ha u eme ka moo u ne u tla mpona neng? Ha ree he Eazy-eazy hona joale! (Thursday Aug 14 | post #3033)
Brief history ea Ntate Famole oa 'Malere.
Lerashea ke ne ke utloe ba re mohla letsatsi leno Matsie u ne a betse lifela ho tloha Lesotho ho fihla Khutsong a sa li phete ntja eno a utloa ka bo bots'o. Ke ntse ke rata ho tseba haholoanyane ka litaba tsena. (Thursday Aug 14 | post #40)
Morena Khits'ane ha likhomo li kena ke ile ka roma motho a kalla pitsi a u tlisetsa nomoro ea ka ea lebokose la poso, na e be u fumane u le teng kapa chee? (Thursday Aug 14 | post #3023)
E hlile haele bosiu u tlameha ho robala ua re tena Ratu. Haeba u ikhethela ho lula le rona lula feela ho tla qoqa 'na le khits'ane feela. (Thursday Aug 14 | post #3021)
Like what you see?
Create your own Topix Profile