Local News: Lesotho 

 | 

Sign Up

 | 

Sign In

uena o mang? nna ke a itseba!

Posted in the Lesotho Forum

Read

157 Comments

More Lesotho Discussions »

Comments

Showing posts 1 - 20 of157
< prev page
|
Go to last page| Jump to page:

“Botle bo bokalo ba monna”

Since: Mar 10

Ha o cha o cheche

|
Report Abuse
|
Judge it!
|
#1
Nov 26, 2010
 
Ke Chitja wa BOTHA BOTHE wa leloko la leshome (10th generation) la Bakoena ba ha Modibedi ho tsoa ho Morena Kuena ya hlahileng lilemong tsa bo 1400;
Yena a tsoala Khabo, Ngoato le Ngoaketsi ka 1450;
Khabo a tsoala Masilo ka 1501 (ea neng a tsejoa hape ka Mosito);
Masilo a tsoala Mokotedi le Napo;
Napo a tsoala Motebang, Disema le Molapo;
Motebang a tsoala Molemo;
Molemo a tsoala Tsolo le Tsoloane;
Tsolo a tsoala Tsotelo (lemong tsa bo 1760) eleng ntata Bakoena ba ha Modibedi, eo setloholo sa hae eleng Makhoahla;
Makhoahla (1870) a tsoala Joseph Chitja (1900);
Joseph Tsoene Chitja a tsoala Selake, Kadinyana le Nnana;
Kadinyana Chitja (1936) a nyala Smangela Theresia Tshabalala (1939) mme bona ba emola Ngoana matsibolo eleng CHITJA WA BOTHA BOTHE eleng NNA!

“Botle bo bokalo ba monna”

Since: Mar 10

Ha o cha o cheche

|
Report Abuse
|
Judge it!
|
#2
Nov 26, 2010
 
Morena Moshoeshoe oa pele ha ke amane le eena. Ekaba feela e le oa lelapa la Bakoena and He juat hijacked the whole system!

“Botle bo bokalo ba monna”

Since: Mar 10

Ha o cha o cheche

|
Report Abuse
|
Judge it!
|
#3
Nov 26, 2010
 
Ebang ha o itsebe botsa nna, ke tla o bolella hore o hlaha kae. Empa pele ho moo, o tlameha ho hlalosa hore na o Motaung, Mokhatla, Mosia,Motlokoa, Lekhoakhoa, Motsoeng,Lekholokoe,Mokoena,jj .
VERUSHCAR

Krugersdorp, South Africa

|
Report Abuse
|
Judge it!
|
#4
Nov 27, 2010
 
e hlile wa itseba,

lenna ke lakatsa hoka tseba moo ketswang teng,Mohlong Ba ha Sefatsa sa Ramokhele ba ka thusa.
Tonki ea Poho

Durban, South Africa

|
Report Abuse
|
Judge it!
|
#5
Nov 27, 2010
 
Akomphe nalane ya batlokoa hle e moholo.
VERUSHCAR

Krugersdorp, South Africa

|
Report Abuse
|
Judge it!
|
#6
Nov 27, 2010
 
Chitja wa Botha Bothe wrote:
Ebang ha o itsebe botsa nna, ke tla o bolella hore o hlaha kae. Empa pele ho moo, o tlameha ho hlalosa hore na o Motaung, Mokhatla, Mosia,Motlokoa, Lekhoakhoa, Motsoeng,Lekholokoe,Mokoena,jj .
Nka thabela thuso
ke Motaung wa Ramokhele.
Mme se na se ka etsa phetoho e kgolo hobane batswadi ba ka ba lahlehetswe ke tsela.

“Botle bo bokalo ba monna”

Since: Mar 10

Ha o cha o cheche

|
Report Abuse
|
Judge it!
|
#7
Nov 27, 2010
 
Tonki ea Poho wrote:
Akomphe nalane ya batlokoa hle e moholo.
E monate joang! haholo moo e buang ka Mokotjo ea ileng a nyala Mmanthatisi mma Sekonyela!

Motlokoa (mu-tlo-kwa)/Basotho clan group: of tlokoa/ Motho wa tlokoeng, ya buang setlokoa, ya etsang moetlo le diketso tsa batlokoa kapa katse ya naha e hlaha haholo. Karolo ya Basotho e rehelletsoeng ka tlokoa kapa katse e hlaha; motho ya anang tlokoa. Ya anang katse e hlaha (tlokoa); leana-tlokoa kapa tobatsi; wa lelapa la Batlokoa ho tsoa ho Morena Molefe ya tsoalang bana ba bararo eleng Molatodi, Sebidi le Sebidinyane; Molatodi a tsoala Lepotsoe; Lepotsoe a tsoala Tsotetsi; Tsotetsi a tsoala Lebasa; Lebasa a tsoala Nkhahle; Nkhahle a tsoala Tumisi; Tumisi a tsoala Leteka. Lapeng la sebidi hoa tsoaloa Mokoro; Mokoro yena a tsoala Motonosi; Motonosi a tsoala Montoedi eleng ntata Mokotjo ya ileng a nyala Mmanthatisi; Mokotjo le Mmanthatisi ba tsoala Sekonyela; Sekonyela a tsoala Leboto; Leboto a tsoala Ledingoane eo leloko la hae leleng le fumanehang motseng wa Madingoaneng, Seterekeng sa Mokhotlong naheng ya Lesotho./bon. Batlokoa/

“Botle bo bokalo ba monna”

Since: Mar 10

Ha o cha o cheche

|
Report Abuse
|
Judge it!
|
#8
Nov 27, 2010
 
VERUSHCAR wrote:
<quoted text>
Nka thabela thuso
ke Motaung wa Ramokhele.
Mme se na se ka etsa phetoho e kgolo hobane batswadi ba ka ba lahlehetswe ke tsela.
Semelo sa Bataung se se phara haholo!
Empa ha re qale mona:
Morabe kapa karolo ya batho ba reheletsoeng ka tau. Ya anang Phoofolo tau; wa lelapa la Bataung wa semelo sa morena Thuloane; Thuloane a tsoala Morapedi (Kotele); Morapedi a tsoala Nthethe eo yena a tsoalang Tebele mmoho le Tebeyane; Tebeyane a tsoala Tau le Mokole; Tau a tsoala Hlalele eo yena a tsoalang Dienyane le Tledima ha Mokole yena a tsoetse Kgobane; Kgobane a tsoala Moteane; Moteane a tsoala Yoboyane.

Joale, ke tlo kena ho ba Ramokhele ka mora nakonyana.
s'ka baleha.

“Botle bo bokalo ba monna”

Since: Mar 10

Ha o cha o cheche

|
Report Abuse
|
Judge it!
|
#9
Nov 27, 2010
 
Tonki ea Poho wrote:
Akomphe nalane ya batlokoa hle e moholo.
KE O TSOPOLELE HANYANE FEELA KA NKHONOAO!
'MANTHATISI:
Ya okametseng mabotho a ntoa a Batlokoa; ya tsoetsoeng lemong tsa bo 1781 a hlokahala ka 1836; ya tsoaloang ke morena Mothaba wa morabe wa Basia; Ya ileng a nyaloa ke Mokotjo mme a tsoala Sekonyela.
Tonki ea Poho

Durban, South Africa

|
Report Abuse
|
Judge it!
|
#10
Nov 27, 2010
 
khilik watla wa nthusa ke lebohile e moholo
Sephetlathithi

Pretoria, South Africa

|
Report Abuse
|
Judge it!
|
#11
Nov 27, 2010
 
KeMotaung wa ha Hlalele- Sephetlathithi Thelejane

Motaung o tswetse Hlalele,Moletsane,Ramokhele le Sefatsa.
Hlalele a tswala Nthethe,Morapedi le Thelejane
Thelejane(4 Basadi) a tswala Sehole mosading wa bobedi eleng Mma-Sehole.
Sehole a tswala Chabatsane,Ntaba,Ntabanyane,Mo riti le Mpete.
Moriti a fallela Afrika Borwa Mount Fletcher kajeno.
Moriti a tswala Sehlabo,Hlajoane,Moeketsi,Moet i,Motshei le Motsheinyana.
Moeti a tswala Kopano,Sebota,Sehlabo,Moqhaneh i le Tsukutlane
Sebota a tswala Hlalele le Sephetla(Sephetlathithi)
Sephetla a tswala Tokelo le Lereko
Tonki ea Poho

Durban, South Africa

|
Report Abuse
|
Judge it!
|
#12
Nov 27, 2010
 
Le Thelejane
lady t

Johannesburg, South Africa

|
Report Abuse
|
Judge it!
|
#13
Nov 27, 2010
 
ke mokwena waaha mokotedi ke ditaba haa hakeya futsa ke nkile fatse hei wena kena le ntate moholo yeo hothweng ke jakote ka leribe ka mane jowe otla o ruta hore mmao ona otswallang;
FOFO

Satellite Provider

|
Report Abuse
|
Judge it!
|
#14
Nov 27, 2010
 
Chitja wa Botha Bothe wrote:
Ke Chitja wa BOTHA BOTHE wa leloko la leshome (10th generation) la Bakoena ba ha Modibedi ho tsoa ho Morena Kuena ya hlahileng lilemong tsa bo 1400;
Yena a tsoala Khabo, Ngoato le Ngoaketsi ka 1450;
Khabo a tsoala Masilo ka 1501 (ea neng a tsejoa hape ka Mosito);
Masilo a tsoala Mokotedi le Napo;
Napo a tsoala Motebang, Disema le Molapo;
Motebang a tsoala Molemo;
Molemo a tsoala Tsolo le Tsoloane;
Tsolo a tsoala Tsotelo (lemong tsa bo 1760) eleng ntata Bakoena ba ha Modibedi, eo setloholo sa hae eleng Makhoahla;
Makhoahla (1870) a tsoala Joseph Chitja (1900);
Joseph Tsoene Chitja a tsoala Selake, Kadinyana le Nnana;
Kadinyana Chitja (1936) a nyala Smangela Theresia Tshabalala (1939) mme bona ba emola Ngoana matsibolo eleng CHITJA WA BOTHA BOTHE eleng NNA!
Jo nna weee! Hoa thabisa ele ka nnete, ka be ka opa le moholokoane
FOFO

Satellite Provider

|
Report Abuse
|
Judge it!
|
#15
Nov 27, 2010
 
Ke kopa nalane ea Bataung ba ha Moletsane.

“15 women on a dead man's cock!”

Since: Mar 09

Libono Camp

|
Report Abuse
|
Judge it!
|
#16
Nov 27, 2010
 
Ke ntatao boy!!!

“Botle bo bokalo ba monna”

Since: Mar 10

Ha o cha o cheche

|
Report Abuse
|
Judge it!
|
#17
Nov 27, 2010
 
Uena ha o tsebe hore o tsoa kae U ea kae! Le baheno ha o sure ka bona. mohlomong ba o rekile o sa le monyane! ke mang ya tsebang.
Rampotjane

Johannesburg, South Africa

|
Report Abuse
|
Judge it!
|
#18
Nov 28, 2010
 
Chitja,ngwaneso ke bona eka tsela eo lotomanyang ditaba tsa hao kateng,di jwalo ka nalane ya Bahlakoana Kapa ke a rosa moholo wa ka. Ntataise hle Ngwaneso nka thabanchu haholo.

“Botle bo bokalo ba monna”

Since: Mar 10

Ha o cha o cheche

|
Report Abuse
|
Judge it!
|
#19
Nov 28, 2010
 
Rampotjane wrote:
Chitja,ngwaneso ke bona eka tsela eo lotomanyang ditaba tsa hao kateng,di jwalo ka nalane ya Bahlakoana Kapa ke a rosa moholo wa ka. Ntataise hle Ngwaneso nka thabanchu haholo.
Lelapa la Bahlakoana le qala ho Disema eo le nna ke amanang le yena!
Mohlakoana (mu-hla-kwa-na)/Basotho clan group: of the hoof/ Ya tsoaloang ke Disema ebile e le ntata Bahlakoana; eo bana babo eleng Fumane le Nkokoto. Ya tsoaloang ke Khobodi lapeng la Bahlakoana ebile yena a tsoala Motawana (Motaoana).

TEMOSO:
Bahlakoana ke leloko le kgephohileng ho Bakoena ka mora wa Disema eleng Mohlakoana. Mohlakoana o ne a nkeloa fatshe haholo joale a khetha ho iketsetsa leloko la hae eleng Bahlakoana! Hantlentle Bahlakoana ke bana ba Bakoena.

“Botle bo bokalo ba monna”

Since: Mar 10

Ha o cha o cheche

|
Report Abuse
|
Judge it!
|
#20
Nov 28, 2010
 
Hape, Bahlakoana ba bile teng pele ho morena Moshoeshoe wa pele ka 1700! Moshoeshoe (born 1789) O monyane ho Bahlakoana! Ho bolelang hore le wena ha o amane le Moshoeshoe joalo ka nna.

Tell me when this thread is updated:
(Registration is not required)

Add to my Tracker

Send me an email

Showing posts 1 - 20 of157
< prev page
|
Go to last page| Jump to page:
Type in your comments below
Name
(appears on your post)
Comments
Characters left: 4000
Type the numbers you see in the image on the right:

Please note by clicking on "Post Comment" you acknowledge that you have read the Terms of Service and the comment you are posting is in compliance with such terms. Be polite. Inappropriate posts may be removed by the moderator. Send us your feedback.

22 Users are viewing the Lesotho Forum right now

Search the Lesotho Forum:
Topic Updated Last By Comments
Nkoteng Hleng! 5 min Last Number 28
Why did u vote 4 DC 5 min De moz 10
Kea baba 12 min Antapene 1
Lesotho premier resigns; could lead opposition 17 min De moz 6
Topix Lesotho Forum e Monate After 8!! 31 min Sash_ 797
o timana ka nywana 35 min IM_A_BOSS 15
The Fall of Pakalitha Mosisili! 1 hr monatja 84

Daily Horoscope for June 2

Taurus

Be careful if you're supposed to be saving money, because it's likely to fly through your fingers in no time at all today. You're open to all sorts of delicious impulses now, such as splashing out your hard- earned cash on little treats or big purchases. Indulgence is the key here, and you'll also want to push the boat out if you're going to a restaurant for a meal. You'll work your way through the menu, regardless of the cost.

Get your Horoscope »