harvest fm e khaohana le abc
- Posted in the Lesotho Forum
Comments
|
Ke le boleletse ka makhetlo pele Harvest FM e khutla hore e tlo khutla e se e chenchetse ABC eaba le re kea hlanya. Joale ke moo lea utloa hore Harvest FM ha e sa hloka support ea lona ma-abc. Ka linako tsohle Harvest FM e se e mema baeti ba buang against ABC le moetapele Thabane. Le Malichaba o bua lintho tse mpe feela ka ABC nako tsohle ha a tsamaisa lenaneo. Le reng joale?
|
||||
|
“Sera sa motho ke tlala” Joined: Aug 13, 2007 Comments: 2167 Maphutseng Ha Morena Makhabane ISP: Ficksburg, South Africa |
Nothing. ABC was in in alliance with Harvest FM. They free to report whatever they think its news worthy. |
|||
|
“Sera sa motho ke tlala” Joined: Aug 13, 2007 Comments: 2167 Maphutseng Ha Morena Makhabane ISP: Ficksburg, South Africa |
Correction; ABC was never in alliance with HARVEST.
|
|||
|
Khale re ile ra e bona Harvest-nyana ena ea bona. Bonang hee! Lekhoaba ke mo ikaketsi. Hopolang Bible bana ba ntate. "mehleo eo,'mebuso e tla loantsana, baruti ba bohata ba tla ba teng" O chulo ntate Mosisili a re ke tla le busa ho fihlela le toaela. Ha li fofe linonyana
|
||||
He monghadi Thabo. Bo nneteng o bontsha hantle hore you are a defender of ABC, Lesotho and its people. That is cool...So cool. We are also expecting your objective thoughts on these three matters. |
||||
We are watching with interest the sudden change of heart! I want to give them a benefit of doubt empa ha eba morero ke ho bua ABC ha mpe,so that they boost another 'party',then in that event,we shall come up with a strategy seo se tla sireletsa ABC ho bona. A word of advise to Harvest: Ha eba tsena tse buoang li-corridor' ke 'nete,you are in for a big suprise, this is ABC's territory and shall be defended by all costs(legal). Ke ne ke le 'fan' ea Moruti Scorpion until recently ha ke utloa lintho tse kang tsena tse buoang ka ena le Harvest. |
||||
|
Chaba sa ntate thulang fatse le lukise lithaba tsa naha ea rona retlohelleng ho loantsana .molemong oa bacha ba naha ena
|
||||
My question to you all ABC supporters. Hobaneng ha hona le batho bao e neng e le lithatohatsi tsa ABC ba e furalla kajeno? Taba ena le tlameha ho imamella eona ka tieo. Ke e buile maobane ke tla tsoelapele ho e bua hore as long as Tom a ntse a batla ho iketsa molingoana kahare ho party eno batho ba tla lula ba ntse ba tsoa ho eona, ke bua ka batho ba bohlokoa bao party eno e ba hlokang ka tieo. |
||||
|
“Sera sa motho ke tlala” Joined: Aug 13, 2007 Comments: 2167 Maphutseng Ha Morena Makhabane ISP: Ficksburg, South Africa |
Batho ba furallang ABC ke ba shebileng maphako a bona ntate. Thats why they dont want to discuss their problems/griviences within ABC but in the media. They wanted to highjack ABC for their own selfish reasons, now that ba hlolehile, they are forming their own parties. Uena what do mean ha o re Tom o ikentse Molingoana? |
|||
|
ABC e shebile menyetla feela it doesn`t mean ke ra ta mosisili ke le no party.ABC hae buse le tle le bone tsempe tsa yona.tom oile a nepahala haafihla kae na banna.ke lempetje.
|
||||
|
Mohlomong le batho ba neng ba rohaka LCA ha e ne e khalemela Harvest ba tla its'oela mokhubu. Le ba neng ba lilietsa ha Thabo a ranthanya feela kajeno ba a bona. Maoba mona e ne bitsitse setho sa Youth League ea LCD, ba tima LCD monyetla, maobane e ne e le Mr. Ts'ehlana empa ba tima ABC monyetla. This is done with purpose ... watch this space. The Reverend will emerge with something.
|
||||
Hahahahaha....Lephako la bona? Ke lipuo tse makatsang tsena. Batho bana kaofela ba bolela hore monghali eno ha a mamele maikutlo a bona litabeng tsa party. Ha ke so utloe le ea le mong ea buang ka taba ea lephako la hae. Monghali Tom ke kamakhetlo a mangata ke mo utloa a re batho ba ntse bana le babalaze ea LCD, tsena o ne a li bua nakong eo honang le batho kahare ho ABC ba neng ba batla hore hobe le seboka se seholo joale eena a re ABC ha e tsamaisoe joalo.. |
||||
U bolela eng ha u re ba tima ABC le LCD monyetla? Bane ba khaola phone tsa ma-ABC le ma-LCD? U ne u batla ba ba bitse hong? Teng u tsebella kae haeba ba ile ba bamema? |
||||
Ha ho moo ba ileng ba ileng ba bolella bamameli hore ba lebeletse lehlakore la LCD kapa la ABC kapa ba lekile ho a fumana mahlakore ao, ntle leha eba ba buile nakong eo ke sa mamelang. Bad journalism does not make good democracy, ngoaneso, no matter how you see it. Bad journalism u e utloa le liboholing, hore mona agenda e teng, leha o sa e tsebe, kapa o sa e tsotelle. Batho ba jeloe lichelete ba aha mekotla ea liea-le-moea ba nahana hore ke tsa tumelo kapa tse lehlakoreng la sechaba jj Moafrika, ho joang kajeno? Watch this space. |
||||
|
“Sera sa motho ke tlala” Joined: Aug 13, 2007 Comments: 2167 Maphutseng Ha Morena Makhabane ISP: Ficksburg, South Africa |
Matabola, hake tsebe na o phoqa nna kapa o ipuoela taba tsa ngoana monyane? Li kae lipolitician tse kene fela li sa etse letho? Do they initial tell us hore bona ba sebeletsa mathata a bona? Kaofela they pretend to want to serve the nation but o tla ba bona ka corruption fela hore they are in it for themselves. Maikutlo a feng eo Tom asa mameleng? Ba itse ba batla ho khethoe leadership, ha likhetho li tla ba furalla party. O bona eka ba genuine batho baa? |
|||
'Malichaba o boletse ha a qala lenaneo hore ABC e tseba ho tla hoa Tsehlana Harvest Fm. they decided not to participate. ne le re a etseng? BOLALLANE BOA TENA. BONYOFU ba batho ba sa rateng ha media o fa bohle monyetla boa tena. Re e bone ha Harvest e lelekisoa ke LCD e tseka ha e fa ABC monyetla. Joale ke ma ABC a bokollang ha ho fuoa Tsehlana monyetla. Le lentsoe la molomo mosehlanyana le lokela ho mameloa. |
||||
Joalo ka ha Senqua a bolela,'Malichaba o bontsitse bofokoli boohle boo a nang le bona mabaleng a mophatlalatsi. Hobaneng ha 'Malichaba a bitsa Litjobo le Tsehlana ba il'o bua ka batho ba sio moo sea-le-moeng?? Ke mang ea tla ba arabella? That's UNFAIR practice. Furthermore, she was asking them leading questions. POOR JOURNALISM. Maoba mona eena 'Malichaba o ne a ikeme are lekoerekoere le buile ka Harvest FM empa Harvest esa etsoa 'consult', feela eena o bitsa batho ba tlo bua ka liphathi without consulting them. Lekoerekoere leno le mo nepile. |
||||
|
“Ngoana Loti” Joined: Aug 10, 2007 Comments: 2662 These Mountains are My Home ISP: Maseru, Lesotho |
‘Na ke bona e le hantle ha Harvest FM e leka ho emella thoko le ABC e emise ho iketsa karolo ea ABC. Ha Harvest FM e ne e fana ka litaba tse molemong oa ABC feela seno se ila sa ba tloaetsa hampe ba qetella ba se ba kena-kenana le litaba tsa ABC tse kahare.
Ke molemong oa Harvest le molemong oa ABC hore Harvest e sie moeli lipakeng tsa bona le ABC. Catholic Radio le PC FM li ntse li hasa litaba tsa rona ka mokhoa o tsuileng matsoho feela ba ntse ba hasa le tsa LCD le mekha e meng hape. Feela joale ke bona tsela eo ‘malichaba le Lekhoaba ba lekang ho tlosa Harvest haufi le ABC e le kotsi bakeng sa Harvest FM. Bamameli ba Harvest FM ke batšehetsi ba ABC boholo ba bona,‘me ebile ke bona the urban consumers, e leng bona li customer tseo li company li targetileng bona ha li advertisa ka boemo bo holimo hakalo ho Harvest FM. Kamoo ke utloang kateng ha ke mamela Lekhoaba le ‘Malichaba its like ba leka ho pepesa litaba tse khahlano le ABC haholo feela, tse ling tsa tsona e bile e le litaba tseo e seng linnete. Ba boetse ba se ba thabela ho mema baeti ba khahlano le ABC haholo feela. Ke nahana ba etsa sena ho leka ho bontša sechaba hore ba emisitse ho sekamela ho ABC ha ba phatlalatsa litaba, empa joale ha ba elelloe hore ho ba against le hona ho ka ‘na haeba kotsi, mohlomong ebile ho kotsi le hofeta ho ba in support for, given that most of the urban ABC members are the listeners of Harvest FM. |
|||
|
Ngoaneso Tsir, Your freedom of speech is not a ticket to go and talk bad about other people. That it is why an objective journalist would offer the same opportunity to the other party. Ha the other party e hana ho tla moeeng ha ho ntho e mo thibelang ho lahla story sa Ts'ehlana kapa ho tsoelapele ka sona.'Me a ka tsoelapele ka sona ha feela a bona hore se "on public interest" empa o na le obligation ea ho thiba Ts'ehlana ha a etsa bua lintho tseo e seng li facts. Ke nahana ho joalo hobane Radio Lesotho was also interested. Ultimate motive ke ho qhala ABC.
|
||||
|
“Ngoana Loti” Joined: Aug 10, 2007 Comments: 2662 These Mountains are My Home ISP: Maseru, Lesotho |
Ke maketse ha ke utloa 'Malichaba a manolla lengolo leo ABC e le ngoletseng speaker sa paramente le bolelang ho tebeloa ha Tšehlana ho ABC.'Malichaba o na bontša hore hore lengolo leo ha lea nepahala hobane ha le bontše na Tšehlana o tebetsoe tlasa litemana life tsa molao. |
|||
|
||||
Please note by clicking on "Post Comment" you acknowledge that you have read the Terms of Service and the comment you are posting is in compliance with such terms. Be polite. Inappropriate posts may be removed by the moderator. Send us your feedback.
| Topic | Updated | Last By | Comments |
|---|---|---|---|
| Ramahlapa : Mother of All Fools | 14 min | OMOCHAMOCHINI | 66 |
| Litumeliso/moqoqo (Jun '08) | 22 min | jason | 20142 |
| Drama unfolds as relatives identify bodies | 27 min | jason | 1340 |
| monko oa kuku | 2 hr | Sera | 44 |
| Aids Maseru | 7 hr | MoAfrika FM | 21 |
| Why English During Sex? (Jan '09) | 8 hr | Charmer Boy | 100 |
| Happy Birthday!! | 8 hr | Charmer Boy | 76 |






