|
Since: Feb 08
Johannesburg, South Africa
|
Please wait...
Le kae beng ba ka? Kannete 'na ke lekhooa le ratang famole haholo- ke ithuta Anthropology ka Wits 'me ke tla etsa study sa lipina tsa famole le likheleke. Ke batla ho tseba na likasete tse tumileng kapa tse monate haholo feela ke lifeng? Ke lebohile bahlomphi.
Ka litumeliso, Colin kapa Thato
|
|
Khosi Mosotho
Bellville, South Africa
|
Morena thato o ne o leka hore o rana famo kapa e hlele o ne o re o rata famole e le sebeni sa famo. qetellong ea litaba tsaha o re o likasete tse tummeng ke lifeng. hona joale linine tse tummeng ke Mant'sa, Mojalihlooho, Selomo, Pheello, Sefako sa manoaneng, Mosia, Letono Chakela ba bangata ha se ntho eo nka e qetang
|
|
Thato
Johannesburg, South Africa
|
Khosi Mosotho wrote: Morena thato o ne o leka hore o rana famo kapa e hlele o ne o re o rata famole e le sebeni sa famo. qetellong ea litaba tsaha o re o likasete tse tummeng ke lifeng. hona joale linine tse tummeng ke Mant'sa, Mojalihlooho, Selomo, Pheello, Sefako sa manoaneng, Mosia, Letono Chakela ba bangata ha se ntho eo nka e qetang Ache ke lebohile moren'aka kannete a molimo. Kea tseba bona Nt. Lehohang os Sefako sa Menoaneng le Nt. Mants'a 'mino oa bona o monate haholo- ba bang bao ha ke ba tsebe ke tla li fumana. Haele chelete ea ka e lekane ho reka likasete tse peli feela (li turu he), na ke khethe lifeng tsa babeli ba bona?
|
|
Khosi Mosotho
Maseru, Lesotho
|
limonate kaofela hotsoa ho oena mohla o ilo reka o mamemle pele, ne ke tla o khothaletsa mants'a empa ke lumela re sa rate mino o tsoanang. likhomo tseo le manamone a tsona kapa o ka re likamele tseo le lipetsana tsa tsona.
|
|
kololo
Cape Town, South Africa
|
Khosi Mosotho wrote: Morena thato o ne o leka hore o rana famo kapa e hlele o ne o re o rata famole e le sebeni sa famo. qetellong ea litaba tsaha o re o likasete tse tummeng ke lifeng. hona joale linine tse tummeng ke Mant'sa, Mojalihlooho, Selomo, Pheello, Sefako sa manoaneng, Mosia, Letono Chakela ba bangata ha se ntho eo nka e qetang i need help
|
|
kololo
Cape Town, South Africa
|
Khosi Mosotho I need help e-mail me at 205123864@cput.ac.za
|
|
“Living To Die”
Since: Mar 08
BEKKERSDAL
|
Please wait...
ke rona ba na.......RE JA HLOOHO YA KGOMO LE MAINO, 'ME RE TSEKISANE MAMINA.
|
|
Khonyonyo Matsoinyonyo
Johannesburg, South Africa
|
Famole.....khomo ea koti morena Mants'a.....
|
|
|
“Ralitsietsi”
Since: Mar 08
Mapoteng
|
Please wait...
A ko ilo re Sephali sa Litlou No.1. Ka bomalimabe o ka se thole CD e tla ka lebanta le mona le khasete. Ke rata ha a roka terene ea kutse kapa ha a bua ka mokhotsi ea seng a mofetohetse. O mot'sehisa ka meno a ka pele haele a ka morao ke marumo. Aoo banna Lekaota le ne le fuoe talenta leo. Ke ntse ke le bohlokong ke lefu la hae.
|
|
Lesiba-La-Nooko
Italy
|
U mamele lekhele ha a re: -Thethana ha e sale lithota li namme, mafitoane a ka imela lipelesa. - Tloara thutsoana (Nkalime thutsoana Thabo le ha e se e laitile u e tlie koano ha ke bina e tla laeta, ke senyehile moea ke tletse bohale Ke khets'itsoe ke bashanyana baba Ke re ke ba nyehlisetsa lerapo setoropo sa poho ea khomo se se ke sa ba khama Ba re Famole litaba li mo feletse...)
|
|
the godfahter
Pietermaritzburg, South Africa
|
Lesiba-La-Nooko wrote: U mamele lekhele ha a re: -Thethana ha e sale lithota li namme, mafitoane a ka imela lipelesa. - Tloara thutsoana (Nkalime thutsoana Thabo le ha e se e laitile u e tlie koano ha ke bina e tla laeta, ke senyehile moea ke tletse bohale Ke khets'itsoe ke bashanyana baba Ke re ke ba nyehlisetsa lerapo setoropo sa poho ea khomo se se ke sa ba khama Ba re Famole litaba li mo feletse...) hela le mahipi ase a mamela sesotho matsatsing ana
|
|
“Ngoana Loti”
Since: Aug 07
These Mountains are My Home
|
Please wait...
Khitsane oa Litsietse wrote: A ko ilo re Sephali sa Litlou No.1. Ka bomalimabe o ka se thole CD e tla ka lebanta le mona le khasete. Ke rata ha a roka terene ea kutse kapa ha a bua ka mokhotsi ea seng a mofetohetse. O mot'sehisa ka meno a ka pele haele a ka morao ke marumo. Aoo banna Lekaota le ne le fuoe talenta leo. Ke ntse ke le bohlokong ke lefu la hae. Pokello eno e na le CD le eona. Ha u tla hae Mapoteng u tlo kene moo lebenkeleng la licasete ha u qeta ho tsela moo Maputsoe, u tla e fumana. le bo mona ha Motsekapapa le ha Paseka e teng. Letlapa le neng le ntse le sena CD ke lane la pele-pele (la pele le ho Lefu la Ntate), le bitsoang Ea Puruma, empa le lona le se le fumaneha le ka CD hajoale.
|
|
le a hlanya kao fela
Mmabatho, South Africa
|
|
|
Livos
Durban, South Africa
|
Ao!!!! banna khomo ea koti ea motse oa Rabojane, sethole sase kheutsane sehloko lerole, pipa sefetjoa pele batho ba fetjoa, ekhutla ea khotla e phophoma makoeba.
Thloara thutsoana! Joale ke roba kei sena ka mmabomo keetsa falese, ke etsa falese ke batla ho sotha le motheong e tshitsha haena tshepoa nxaa fotsek mohau fela thutsona tshesa ea lefatse la Matelile.
Tsela le thota!
Bnna nkase harane ke harele lithota tsena, ntsebele leka hlokana la tsela o ntsoaketse, Moshesha le kase ruoe omo tsoaketse ore haebe ke batla Likhomo Famole kehle ke roue, manaka amabeli Moshesha omo neile.
Hana le satane engoe ea pina hotheong ke LEFIKA fotsek Famole maan mmao sebono one o shoelang mosiea. Teng CD emna hona le engoe hape hothoe ke "Khabo" are ha kea nyanya tami ke nyantse letsoele, nna ha kea hola ka lactogen, ke nyantse mali a sebele mothae kene ke hama mme sefubeng, are nna hakena ente mona sephakeng cliniki hakae kenna hakea hola ka lebese la toropo ea Mmaelere.
Robala Ka Khotso Mosiea, motho oa mantsa lithebe liome lisena ho omela mokhabo tlung haore tsele o tsella mang, ngoana Lebojoa ntho esajeng sengothoana sa maobane, mohloa thupa katse entle ea lehodi.
|
|
bokang
Durban, South Africa
|
dikgomo basotho mmino wa rona wa sesotho re a o rata re motlotlo ka ona .kgeleke tse tummeng kgosi chakela sefako phooka mojadihloho mantsha le ba bang ba bangata
|
|
Iqbal Tladi
Johannesburg, South Africa
|
dumelang i'm developing a documentary on famole. i know very little about this talented musician. the doccie is scheduled to be broadcast on sabc 2 program called "from the edge". im in the development stages, working on research. i need help to all my basotho peers. on every info regarding famole. i can be contacted at iqbal.tladi@gmail.com
|
|
Ngoana-Matala
Pretoria, South Africa
|
Iqbal Tladi wrote: dumelang i'm developing a documentary on famole. i know very little about this talented musician. the doccie is scheduled to be broadcast on sabc 2 program called "from the edge". im in the development stages, working on research. i need help to all my basotho peers. on every info regarding famole. i can be contacted at iqbal.tladi@gmail.com Ha ke na bonnete ba hore o tla utloa taba tsa moifo haele mona ke bona eka ha o na tsebo ea puo tjena. Ha o ka bua Sesotho, o tla utloa ha banna ba theoha lifela, ba thtoloha sa toloki tsa khare tse ts'ooana. Joale uena o rahe qheme, o je oa keboleloa. Makhele bashemane!
|
|
“Ngoana Loti”
Since: Aug 07
These Mountains are My Home
|
Please wait...
Iqbal Tladi wrote: dumelang i'm developing a documentary on famole. i know very little about this talented musician. the doccie is scheduled to be broadcast on sabc 2 program called "from the edge". im in the development stages, working on research. i need help to all my basotho peers. on every info regarding famole. i can be contacted at iqbal.tladi@gmail.com Likhutsana tsa Famole lia sotleha, khupa e siile mahe lepalapaleng. Documentry eo ea hau e tla thusa joang hore bana ba Mosiea eo oeso ba ke ba fumane lijonyana?
|
|
“La Nooko”
Since: Jun 08
Holy See (Vatican City State)
|
Please wait...
Ngoana-Matala wrote: <quoted text> Ha ke na bonnete ba hore o tla utloa taba tsa moifo haele mona ke bona eka ha o na tsebo ea puo tjena. Ha o ka bua Sesotho, o tla utloa ha banna ba theoha lifela, ba thtoloha sa toloki tsa khare tse ts'ooana. Joale uena o rahe qheme, o je oa keboleloa. Makhele bashemane! U se u lemme ka khomo tsaka Matala e re ke thole!
|
|
“young, free, & single ”
Since: May 08
Boritsatsoene
|
Please wait...
Ba ratang famole, ba kae? Ke 'na enoa ke phahamisitse letsoho. Kapa ha ho buuoe ka bo 'Mamesana? Jo ere ke tsoe!
|
|
Tell me when this thread is updated:
(Registration is not required)
Add to my Tracker
Send me an email
|