Comments
|
Mokoena, Motaung, Mofokeng, Motloung, Motsoeneng, Mokubung, and many others.
Funny enough,most of these animals do not exist in Lesotho.Now we have the Camels in Lesotho. Is it not a right time for us to have Mokamele in Lesotho, ele seboko se seng sa Basotho, especially those who come from Tsoelike and surrounding areas?. |
||||
|
Mokamele ke seboko sa Cura ha o tsebe? Monga teng ore :
ke mokamele oa mahoatata hoa ntja ha ho noa metsi hoa takalatsa.....etc Ke t'saba ho tsoelapele ke tloha ke loba thifa monga litaba a hlokofala. |
||||
|
“We filled our medicinal horns ” Since: Dec 06
Matelile habo Banna ISP: Cape Town, South Africa |
Tsoela pele monna Zoom! |
|||
|
Since: Jun 07
|
Bakamele ba ha Mosikili ke batho batsoelike. Ba mpile ba kopa tjako manonyaneng. Ke phetho ke tuu.
|
|||
Sure da!!!!! |
||||
O lebetse Batlokoa, Basia, |
||||
|
ke qeta ho botsa emong ka taba ena, eka eena ke mokamele oa lekuka, ore;
ke mokamele oa lekuka se pepa ka mahetla habeli monyorollo oa ho kakametsa banna ba tona mahlo ke lenyora a kakametsa libya ho theohela botswana eena oa ho nyarela maluti a khahloa le teng o sa tla kakametsa banna ba be bare habore ba sa e lema. ke ka morao ho mona joale keileng ka hlakeloa hore na hobaneng Lesotho le hara tsohle.... |
||||
Bafokeng kao fela ke Mekamele |
||||
Ho qala ka mmao ngoana stream-line sa likamele! |
||||
oa nya joale |
||||
Ntso`arele boo weso. |
||||
|
kea diutlwa tsa diboko tsa Basotho,ha re bueng ka botekatse ba banana ba basotho mona botswana intervasity,he ba ya re tlontlolla jwale.banna bona tjhe ba phela ka tsona DIKUKU LE MAJWALA KHAFETSA.
|
||||
|
Since: Mar 08
|
Kgotsong!
Ke kopa thuso ka seboko sa Basia. Ha basia ba ipolela bareng? Nna ke hlola ke utlwa ho thwe: "Ke Mosia Motobatsi; Motho wa ha mantsha thebe di ome; Di se nna di omela mogabo tlung; Di omele ka ntle mabaleng; Moya o hlaha kae; O hlaha konkong; Pakeng tsa mafika le majwe; Ke motho wa bo Tshele le Letuka; Ka tshele o tshalle mang; O tshelle Lebajwa le Nkwanyane." Ke kae moo ke fositseng? Ke mantswe a feng ao ke sa a ngolang hantle? Ke a leboha, Mpho |
|||
|
Kea ithuta hore u batla hotseba liboko tsa Basotho e seng lipolotiki
nka hee: Ke Mokuena, Ke motho oa 'MaNtai 'a Mokheseng, Ke motho oa 'MaRatlali 'a Mapapa, Nong li mojele oa Marabeng sokotoana, Tsa e-ja Ratlali Kotson'a Phokeng, tsa e-ja tsa siea, Mahlong ho eena ho bohobolokoana Ke Mor'a Ts'oaloane oa Molemo oa Tsotelo, oa Motebang oa Napo oa Mosito (Masilo), O n'a site mang? O n'a site Tlake, Mopeli Moholo oa Raseapara, Se-a-para Lome, Lome ke apere, Ha kea ikapesa ke apesitsoe, Ke batho ka boomo, Ke bo Mohokong, Mohokong Pilo, Pilo Sekhele |
||||
|
ebe ha hona Bakuena ba ha Molibeli moo
|
||||
|
Since: Mar 08
|
Likhuomo tseo!!!!!
Hantle hantle! na seboko sa makhoakhoa ho thelloa tje? Ke Lekhoakhoa la selimo nthole, Nthole maphutse le maraka ke imetsoe, Mmotho oa ha bo-lijo oa ha bo-moselane, ha ha bo lijo ho hlabana lithotsela, ho hlabana tse hlooho e kholo bo Tumane, na ke opile khomo lenaka!!! ke bua le lokna ma-apara kobo |
|||
u fositse hanyne. Hothoe "...lithothelo" e seng "...lithotsela" ebe ho tsoeloa pele hothoe "...thotsela se hlooho e kholo Tumane" |
||||
|
batho ba tropong ka o fela take the fashion n change seboko to mekamele
`na ke mokoalepe oa leja nyoana ntho e beha letsoho e qhafutse ebe e etse mothamo ka eona hoseng e nka thupa e entse menong |
||||
|
“Phoka” Since: Nov 07
|
Ke Mofokeng oa pulungoana phatla,
Motho oa ha khomo ha e tsoale bosiu, E tsoala mots'eare banana ba e shebile, Ke letotomana, lenyela tlatlaneng, Ke lelepeletsa masepa ka lilomo... |
|||
|
“Phoka” Since: Nov 07
|
Ke Mofokeng oa 'mapulungoana phatla,
Motho oa ha khomo ha e tsoale bosiu, E tsoala mots'eare banana ba e shebile, Ke letotomana, lenyela tlatlaneng, Ke lelepeletsa masepa ka lilomo... |
|||
|
||||
Please note by clicking on "Post Comment" you acknowledge that you have read the Terms of Service and the comment you are posting is in compliance with such terms. Be polite. Inappropriate posts may be removed by the moderator. Send us your feedback.
| Topic | Updated | Last By | Comments |
|---|---|---|---|
| still on the hunt for a hot cugar (sugar mom) (Aug '08) | 27 min | Tayomarl | 9 |
|
|
4 hr | NEBUCADNESAL | 41 |
| i seriously need a boyfrnd! NO JOKE!!!! plzzzzzz | 4 hr | NEBUCADNESAL | 32 |
| summer fever/fiva | 5 hr | Scoco | 21 |
| babalaz | 5 hr | Pat | 2 |
| Che meleko ea moo!! | 6 hr | Ke farisitse | 12 |
| Lesotho to have 10 virginity test centres | 7 hr | Ke farisitse | 21 |